1. Ha dikgosi tsohle tse kamose wane ho Jorodane, le tse maralleng, le tse diphuleng, le tse lebopong lohle la Lewatle le Leholo, kapele ho Lebanone, e leng tsa Bahete, le tsa Baamore, le tsa Bakanana, le tsa Baperise, le tsa Bahife, le tsa Bajebuse, di utlwa ditaba tsena,
2. tsa ba ntsweleng, tsa ikopanya mmoho ho lwantsha Joshua le Baiseraele.
3. Empa ha baahi ba Gibeone ba utlwa seo Joshua a se entseng Jeriko, le Ai,
4. ba loha mano. Ba tsamaya ba ikgakantse jwalokaha eka ke baromuwa, ba bofa mekotla e tsofetseng ditonking tsa bona, le makuka a tsofetseng a veine, a seng a ile a phatloha, a ba a rokwa.
5. Ba rwala meqathatso e tsofetseng, e seng e rokilwe. Diaparo tsa bona e ne e le tse namphaneng; ba nkile mofao wa bohobe bo dikokotwana, bo hlobo.
6. Ba fihla ho Joshua, diahelong tsa hae, Gilegale, ba re ho yena le ho banna ba Iseraele: “Re tswa naheng e hole, mme re kopa hore o etse selekane le rona.”
7. Banna ba Baiseraele ba re ho Bahife bana: “Mohlomong le ntse le phela haufi le rona. Jwale re ka etsa selekane le lona jwang?”
8. Ba araba Joshua, ba re: “Re bahlanka ba hao.”Joshua a ba botsa hape, a re: “Le bo-mang? Hona le tswa kae?”
9. Ba mo araba, ba re: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole, ka baka la lebitso la Morena Modimo wa lona, hobane re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta.