27. E bile diphoofolo feela, le thepa ya motse, tseo Baiseraele ba ileng ba ikgapela tsona, ho ya ka taelo ya Morena, eo a ileng a e laela Joshua.
28. Joshua a tjhesa motse wa Ai, a o etsa ditututswana tsa masupi a kamehla yohle, mme o jwalo le kajeno-ya-bokajeno.
29. A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno.
30. Joshua a hahela Morena Modimo wa Iseraele, aletare thabeng ya Ebale.
31. A e haha jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a laetse bana ba Iseraele, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe; aletare ya majwe ao ho seng motho ya kileng a a betla ka tshepe. Ba nyehella Morena ka mahlabelo a setjheso hodima yona, ba mo nyehella le ka mahlabelo a teboho.
32. Yare moo bana ba Iseraele ba ntseng ba tadimile, Joshua a ngola hodima majwe a aletare melao eo Moshe a neng a ba ngolle yona.
33. Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le baokamedi ba bona, le baahlodi ba bona, le bajaki, le matswallwa a naha, ba ema ka mahlakoreng a mabedi a areka ya selekane, kapele ho baprista e leng Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Morena. Karolo e nngwe ya setjhaba e ne e tadimile thabeng ya Gerisime, mme karolo e nngwe e tadimile thabeng ya Ebale, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ba laetse ho etsa jwalo ha ba hlohonolofatsa setjhaba sa Iseraele e le lekgetlo la pele.
34. Kamora mona Joshua a bala mantswe wohle a Molao, e leng ditlhohonolofatso le dithohako, ho ya ka tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao.
35. Ha ho lentswe le le leng la tsohle tseo Moshe a neng a di laele, leo Joshua a sa kang a le balla phutheho yohle ya Baiseraele, le basadi, le bana, le bajaki ba neng ba jakile hara bona.