2. O etse Ai le kgosi ya yona jwalokaha o ile wa etsa Jeriko le kgosi ya yona. Le tla inkela feela thepa ya yona, le diphoofolo tsa yona, e le kgapo ya lona. Bahlabani ba lalle kamorao ho motse.”
3. Yaba Joshua o tsamaya jwalo, a ena le bahlabani bohle, o ya Ai. Joshua a kgetha mokgetho wa dinatla tsa bahale ba dikete tse mashome a mararo, mme ba futuha hara bosiu.
4. A ba laela, a re: “Bonang mona, le tla lalla kamorao ho motse. Feela le se ke la ba hole le motse, empa bohle le be malalaalaotswe.
5. Nna, le banna bohle bao ke nang le bona, re tla leba motseng. Etlare ha ba etswa ho re kgahlanyetsa, jwalokaha ba ile ba etsa ka lekgetlo la pele, ebe re a ba baleha.
6. Ba tla re phaladisa ho fihlela re ba hulela thoko le motse, hobane ba tla re: <Batho bana ba re baleha jwalokaha ba ile ba etsa ka lekgetlo la pele,> mme rona re tla fela re ba balehe.
7. Jwale lona le tla tswa moo le ipatileng teng, le hape motse. Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka wona matsohong a lona.
8. Ha le se le o hapile, le tla o tjhesa ka mollo; le etse jwalo ho ya ka taelo ya Morena. Jwale ke le laetse!”
9. Joshua a ba romela jwalo. Ba ya moo ba tla lalla teng, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai. Empa Joshua yena a hlola bosiu boo le bahlabani ba bang.
10. Joshua a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bokella bahlabani, a nyolohela Ai; yena le baholo ba Iseraele ba eteletse bahlabani pele.
11. Bahlabani bohle ba neng ba ena le yena ba nyoloha, ba atamela motse, ba ba ba fihla kapele ho wona. Ba hloma ka leboya ho Ai, kgohlo ya eba pakeng tsa bona le motse.