Joshua 8:13-32 BIBELE (SSO89SO)

13. Ba emisa bahlabani ka ditheko: Lebotho lohle le ne le le ka leboya ho motse, le la serao le ne le laletse ka bophirimela ho motse. Joshua yena a hlola bosiu boo ka kgohlong.

14. Ha kgosi ya Ai e bona mabotho ana, banna ba motse ba potlakela ho tsoha ka madungwadungwana, ba tswa motseng, ba futuhela Baiseraele: E le kgosi le banna bohle ba yona, mme ba ya thulana le Baiseraele motheong o lebang Araba. Empa kgosi e ne e sa tsebe hore mabotho a laletse kamorao ho motse.

15. Jwale Joshua le Baiseraele bohle ba etsa jwalokaha eka ba etsa sealo, ba baleha ka tsela a yang lehwatateng.

16. Ha bitswa banna bohle ba neng ba le kahara motse wa Ai, ho phaladisa Baiseraele. Ba phaladisetsa bo-Joshua hole le motse.

17. Ha ho motho le ya mong Ai kapa Bethele, ya ileng a sala, a se ke a tswa ho phaladisa Baiseraele. Ba siya motse o sa sireletswa, ba phaladisa Baiseraele.

18. Jwale Morena a re ho Joshua: “Supa nqa Ai ka lerumo le ka letsohong la hao, hobane ke tla neelana ka motse oo matsohong a hao.” Joshua a supa nqa Ai ka lerumo le neng le le ka letsohong la hae.

19. Bahlabani ba laletseng ba raoha kapele moo ba ipatileng teng, mme hanghang hoba Joshua a supe ka lerumo la hae ba matha, ba kena motseng, ba o hapa, ba potlakela ho o tjhesa ka mollo.

20. Ha banna ba Ai ba hetla morao, ba bona mosi o tswang motseng o foqohela hodimo. Ba tsherehana, ba sitwa ho balehela kae kapa kae. Batho ba neng ba balehela lehwatateng ba kgutla sekwele, ba boyana le baphaladisi ba bona.

21. Ha Joshua le Baiseraele bohle ba bona hore balalli ba hapile motse, le hore mosi o tswang motseng o foqohela hodimo, ba boya sekwele, ba bolaya banna ba Ai.

22. Le balalli ba tswa motseng, ba kgahlanyetsa banna ba Ai. Kahoo Baiseraele ba ba etsetsa sakanalankope, ba ba hlaha ka mahlakoreng wohle. Ba ba bolaya, ho fihlela ho sa sala le ya mong, ho sa phonyoha le ya mong.

23. Empa kgosi ya Ai yona ba e tshwara e ntse e phela, ba e isa ho Joshua.

24. Ha Baiseraele ba qetile ho bolaya baahi bohle ba Ai hara naha, le hara lehwatata moo ba neng ba ile ba ba phaladisetsa teng, mme bohle ba bolailwe ka sabole ho fihlela ba timela, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya masalla wohle ka sabole.

25. Banna bohle le basadi bohle ba ileng ba bolawa tsatsing leo, e ne e le dikete tse leshome le metso e mmedi, e leng batho bohle ba Ai.

26. Joshua a se ke a kgutlisa letsoho la hae le neng le supile Ai ka lerumo, ho fihlela baahi bohle ba Ai a ba timeditse ho hang.

27. E bile diphoofolo feela, le thepa ya motse, tseo Baiseraele ba ileng ba ikgapela tsona, ho ya ka taelo ya Morena, eo a ileng a e laela Joshua.

28. Joshua a tjhesa motse wa Ai, a o etsa ditututswana tsa masupi a kamehla yohle, mme o jwalo le kajeno-ya-bokajeno.

29. A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno.

30. Joshua a hahela Morena Modimo wa Iseraele, aletare thabeng ya Ebale.

31. A e haha jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a laetse bana ba Iseraele, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe; aletare ya majwe ao ho seng motho ya kileng a a betla ka tshepe. Ba nyehella Morena ka mahlabelo a setjheso hodima yona, ba mo nyehella le ka mahlabelo a teboho.

32. Yare moo bana ba Iseraele ba ntseng ba tadimile, Joshua a ngola hodima majwe a aletare melao eo Moshe a neng a ba ngolle yona.

Joshua 8