6. Joshua le baholo ba Iseraele ba hahola diaparo tsa bona, ba itihela fatshe ka difahleho, kapele ho areka ya Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba itshela ka lerole dihloohong.
7. Joshua a re: “Oho, Morena Modimo, ke ka baka lang o tshedisitseng setjhaba see noka ya Jorodane, ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse? Hoja ebe re ile ra kgotsofalla ho aha mose wane ho Jorodane!
8. Ke a o rapela Morena, ke tla reng ha e le moo Baiseraele ba balehile dira tsa bona?
9. Ha Bakanana, le baahi bohle ba naha ena ba utlwa, ba tla re dikanela, ba re fedise lefatsheng. Lebitso lee la hao le leholo, o tla le etsetsa eng?”
10. Morena a re ho Joshua: “Ema! Ke hobaneng ha o itihela fatshe ka sefahleho?
11. Baiseraele ba entse sebe, ba bile ba robile selekane sa ka, seo ke ba laetseng sona. Ba nkile le dintho tse rohakehileng; ba di utswitse, ba di patile, ba di kentse hara thepa ya bona.
12. Ka baka leo, bana ba Iseraele ba ke ke ba tseba ho thulana le dira tsa bona; ba tla baleha dira tsa bona, hobane ba rohakilwe. Ha ke sa tla hlola ke eba le lona, haese feela ha le ka timetsa ntho eo e rohakehileng hara lona.
13. “Ema, o hlwekise setjhaba, mme o re ho sona: <Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane hobane Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Thohako e teng hara lona, lona Baiseraele! Ha le na ho tseba ho thulana le dira tsa lona, ho fihlela le tlosa ntho eno e rohakehileng hara lona.
14. “ <Ka baka leo, hosasane le tla tliswa mona ka merabe ya lona. Morabe oo Morena a tla o kgetha, o tla atamela ka malapa a wona; lelapa leo Morena a tla le kgetha le tla atamela ka dihlooho tsa matlo a lona, mme ntlo eo Morena a tla e kgetha, banna ba yona ba tla atamela ka bomong.
15. Monna ya tla kgethwa, e leng ya nang le ntho e rohakehileng, o tla tjheswa ka mollo, yena le tsohle tseo a nang le tsona, hobane o robile selekane sa Morena, le hobane o entse ketso a dihlong setjhabeng sa Iseraele.> ”
16. Joshua a tsoha ka madungwadungwana, a atametsa Baiseraele ka merabe ya bona, mme merabe wa Juda wa kgethwa.
17. Malapa a Juda a atametswa, yaba o kgetha lelapa la Sera. Banna ba lelapa la Sera ba atametswa ka bomong, yaba ho kgethwa Sabedi.