Ha ba kgutlela ho Joshua, ba re ho yena: “O se ke wa romela bahlabani bohle. Romela bahlabani ba ka bang kete tse pedi kapa ba ka bang kete tse tharo ho futuhela Ai. O se ke wa kgathatsa bahlabani bohle ho ya moo, hobane baahi ba Ai ba mmalwana.”