22. Joshua a roma maqosa, a mathela ka tenteng. Maqosa ao a fumana di epetswe ka tenteng ya hae, silefera e di aleditse.
23. Maqosa a ntsha dintho tsena ka tenteng, a di tlisa ho Joshua, le ho bana ba Iseraele bohle, a di bea fatshe kapele ho Morena.
24. Jwale bo-Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane, mora wa Sera, le silefera, le seaparo, le setene sa kgauta, le bara ba hae, le baradi ba hae, le dikgomo tsa hae, le ditonki tsa hae, le dinku tsa hae, le tente ya hae, le tsohle tseo a neng a ena le tsona; ba di isa ka kgohlong ya Akore.
25. Joshua a re: “Ke ka baka lang o re tshwentseng tjee? Le wena, kajeno lena, Morena o tla o tshwenya.”Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe; ba tlepetsa le ba lelapa la hae ka majwe, ba ba tjhesa ka mollo.
26. Ba kgobella majwe hodima hae, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le teng. Kgalefo e tlokomang ya Morena ya kokobela. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno sebaka seo se ntseng se bitswa ka lebitso la Kgohlo ya Akore.