Joshua 6:5-22 BIBELE (SSO89SO)

5. Ere ha ba letsa lenaka la pheleu halelele, mme lona le utlwa modumo wa lenaka, setjhaba sohle se howe haholo; lerako la motse le tla helehela fatshe, mme setjhaba sohle se le tlole, monna ka mong a be a se a toba pele.”

6. Joshua, mora wa Nune, a bitsa baprista, a re ho bona: “Nkang areka ya selekane, baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka eo ya Morena, ba nkile manaka a supileng a pheleu.”

7. Yaba o re ho setjhaba: “Tsamayang, le potolohe motse, bahlabani ba tsamaye kapele ho areka ya Morena.”

8. Ha Joshua a se a buile ho setjhaba, baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba fetela kapele ho Morena, ba ntse ba letsa manaka ao, mme areka ya Morena ya ba sala morao.

9. Bahlabani ba etella pele baprista ba neng ba letsa manaka, mme serao sa tsamaya kamora areka, baprista bona ba ntse ba letsa manaka.

10. Joshua a laela setjhaba, a re: “Le se ke la howa, leha e le ho hweshetsa; ho se be lentswe le tswang melomong ya lona, ho fihlela mohla letsatsi leo ka lona ke le laelang hore le howe, ebe lea howa.”

11. A laela hore areka ya Morena e potolohe motse, e o potolohe hanngwe. Yaba ba kgutlela diahelong, ba robala teng.

12. Joshua a tsoha ka madungwadungwana, baprista ba jara areka ya Morena.

13. Baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba tsamaya kapele ho areka ya Morena, ba ntse ba letsa manaka ao. Bahlabani ba tsamaya kapele ho baprista, mme serao sa tsamaya kamora areka ya Morena, baprista bona ba ntse ba letsa manaka.

14. Le ka letsatsi la bobedi ba potoloha motse hanngwe, yaba ba kgutlela diahelong. Ba etsa jwalo ka matsatsi a tsheletseng.

15. Ka letsatsi la bosupa ba tsoha hoseng ha mafube a hlaha. Ba potoloha motse ka makgetlo a supileng, ka mokgwa o tshwanang le wa pele; feela ka letsatsi lena ba potoloha motse makgetlo a supileng.

16. Yare ha ba potoloha lekgetlo la bosupa, baprista ba letsa manaka, Joshua a re ho setjhaba: “Howang, hobane Morena o le neile motse ona!

17. Motse o tla timetswa, hammoho le tsohle tse ka ho wona, hobane o tlasa thohako ya Morena. Ke Rahaba wa seotswa feela ya tla phela; yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o ne a pate baromuwa bao re neng re ba romile.

18. Feela lona le itlhokomele, le kgese tse rohakehileng, esere ka ho nka dintho tseo tse rohakehileng la itlisetsa thohako, la tlisetsa le diahelo tsa Baiseraele thohako le tsietsi.

19. Empa ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, ke tsa Morena. Tsona di tla kena letloleng la Morena.”

20. Yaba setjhaba se a howa, le baprista ba letsa manaka. Yare ha setjhaba se utlwa modumo wa manaka, sa howa haholo, mme lerako la helehela fatshe. Setjhaba sa kena ka motseng, monna ka mong a tobile pele feela, mme ba hapa motse oo.

21. Tsohle tse neng di le kahara motse ba di ripitla ho hang ka sabole: banna le basadi, batjha le maqheku, le kgomo, le nku, le tonki.

22. Ho banna ba babedi, ba neng ba rometswe ho ya hlwela naha, Joshua a re: “Eyang tlung ya seotswa, le tle le mosadi eo, le bohle bao a nang le bona, jwalokaha le ile la mo hlapanyetsa.”

Joshua 6