Joshua 6:22-27 BIBELE (SSO89SO)

22. Ho banna ba babedi, ba neng ba rometswe ho ya hlwela naha, Joshua a re: “Eyang tlung ya seotswa, le tle le mosadi eo, le bohle bao a nang le bona, jwalokaha le ile la mo hlapanyetsa.”

23. Bahlankana ba dihlwela ba ya, ba tla le Rahaba, le ntatae, le mmae, le bana babo, le bohle bao a neng a ena le bona. Ba ntsha le ba malapa wohle a bang ka yena, ba ba bea kantle ho diahelo tsa Baiseraele.

24. Motse wona ba o tjhesa ka mollo, le tsohle tse neng di le kahara wona. Ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, tsona ba di kenya letloleng la ntlo ya Morena.

25. Joshua a pholosa Rahaba wa seotswa, le ba lelapa lohle la ntatae, le bohle bao a neng a ena le bona. O ntse a phela le Baiseraele ho fihlela kajeno, hobane o ne a ile a pata baromuwa bao Joshua a neng a ile a ba roma ho hlwela Jeriko.

26. Mohlang oo, Joshua a nea Jeriko thohako ena, a re:“Morena a rohake motho,motho ya tla ema,a tsose marakoa motse ona wa Jeriko;ka lefu la mora hae wa matsiboloa etse motheo wa wona,ka lefu la mora hae wa lethopoa hahe menyako ya wona.”

27. Morena a ba le Joshua, mme botumo ba hae ba aparela naha yohle.

Joshua 6