Joshua 6:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Menyako ya Jeriko e ne e kwetswe nti! ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele. Ho ne ho se le ya mong ya tswang, ho se le ya mong ya kenang.

2. Jwale Morena a re ho Joshua: “Bona, ke neelana ka Jeriko le kgosi ya yona, le banna ba dinatla, ba sebete, matsohong a hao.

3. Le potolohe motse ona le bahlabani bohle, le o potolohe hanngwe. Le etse jwalo ka matsatsi a tsheletseng.

4. Baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka ba nkile manaka a supileng a pheleu. Ka letsatsi la bosupa le potolohe motse ka makgetlo a supileng, baprista ba letse manaka.

5. Ere ha ba letsa lenaka la pheleu halelele, mme lona le utlwa modumo wa lenaka, setjhaba sohle se howe haholo; lerako la motse le tla helehela fatshe, mme setjhaba sohle se le tlole, monna ka mong a be a se a toba pele.”

6. Joshua, mora wa Nune, a bitsa baprista, a re ho bona: “Nkang areka ya selekane, baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka eo ya Morena, ba nkile manaka a supileng a pheleu.”

7. Yaba o re ho setjhaba: “Tsamayang, le potolohe motse, bahlabani ba tsamaye kapele ho areka ya Morena.”

8. Ha Joshua a se a buile ho setjhaba, baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba fetela kapele ho Morena, ba ntse ba letsa manaka ao, mme areka ya Morena ya ba sala morao.

Joshua 6