11. Hoseng, ka letsatsi le hlahlamang la mokete wa Paseka, ba eja tse behilweng ke naha, e leng dikuku tse sa lomoswang, le diqhome tsa koro, ba di ja ka lona letsatsi leo.
12. Ka letsatsi leo ka lona ba jeleng thoko ya tse behilweng ke naha, manna a kgaotsa ho ba teng, mme yaba bana ba Iseraele ha ba sa fumana manna, empa selemong seo ba ja ditholwana tsa naha ya Kanana.
13. Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”
14. Monna eo a re: “Tjhe! Nna ke molaodi wa lebotho la Morena. Jwale ke se ke le teng.”Joshua a itihela fatshe ka sefahleho, a obamela fatshe, a re ho yena: “Morena wa ka o reng ho mohlanka wa hae?”
15. Molaodi wa lebotho la Morena a re ho Joshua: “Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng hodima sona se a halalela.” Joshua a etsa jwalo.