Joshua 5:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele.

2. Ka yona nako eo, Morena a re ho Joshua: “Iketsetse dithipa ka lejwe la moralla, o boele o bolotse bana ba Iseraele.”

3. Joshua a iketsetsa dithipa ka lejwe la moralla, a boela a bolotsa bana ba Iseraele ha ba le Gibeata-Haralote.

4. Lebaka leo Joshua a neng a ba bolotsa ka lona ke lena: Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta, ba batona, e leng banna bohle ba bahlabani, ba ne ba shwele lehwatateng, ba le tseleng, kamora hoba ba tswe naheng ya Egepeta.

5. Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta ba ne ba bolotse, empa batho bohle ba ileng ba tswallwa lehwatateng, ha ba le tseleng, ba etswa Egepeta, e ne e le maqai.

6. Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba ne ba nnile ba lelera lehwatateng, ho fihlela tjhaba sohle se timela, esita le bahlabani ba ileng ba tswa Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Morena o ne a ile a ba hlapanyetsa hore a ke ke a ba dumella ho bona naha eo Morena a ileng a hlapanyetsa bo-ntata bona hore o tla re nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.

7. Bara ba bona, bao Modimo a ileng a thiba dikgeo tsa bo-ntata bona ka bona, ke bona bao Joshua a ileng a ba bolotsa. E ne e le maqai, hobane ba ne ba sa ka ba bolotswa ha ba le tseleng.

8. Yare ha setjhaba sohle sa banna se se se boloditswe, sa dula dibakeng tsa sona moo diahelong, ho fihlela se fola.

9. Morena a re ho Joshua: “Kajeno ke tlositse sekgobo sa Egepeta ho lona.” Ka baka leo, sebaka seo se bitswa Gilegale ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

10. Bana ba Iseraele ba nna ba hlola Gilegale, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi eo, ka phirimana, ba keteka mokete wa Paseka diphuleng tsa Jeriko.

Joshua 5