Joshua 4:14-24 BIBELE (SSO89SO)

14. Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe.

15. Morena a bua ho Joshua, a re:

16. “Laela baprista ba jereng areka ya selekane hore ba nyolohe ka nokeng ya Jorodane.”

17. Joshua a laela baprista, a re: “Nyolohang ka nokeng ya Jorodane.”

18. Baprista ba neng ba jere areka ya selekane sa Morena ba nyoloha ho tloha bohareng ba Jorodane. Hanghang ha maoto a baprista bao a qala ho hata mobung o ommeng, metsi a Jorodane a kgutlela ditulong tsa wona, a saballa mabopong wohle jwaloka pele.

19. Ka letsatsi la leshome kgweding ya pele, setjhaba sa tshela Jorodane, sa hloma Gilegale, moeding o ka botjhabela wa Jeriko.

20. Majwe ane a leshome le metso e mmedi, ao baprista ba ileng ba a nka ka nokeng ya Jorodane, Joshua a a hloma Gilegale.

21. A bua ho bana ba Iseraele, a re: “Ka mehla e tlang, ha bana ba lona ba botsa bo-ntata bona, ba re: <Majwe aa a bolelang?>

22. le tle le ba bolelle, le re: <Baiseraele ba ne ba tshele noka ena ya Jorodane mobu wa yona o omme.

23. Morena Modimo wa lona, o ne a pshese metsi a Jorodane kapele ho rona, ho fihlela le tshetse bohle, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ne a pshese metsi a Lewatle la Lehlaka kapele ho rona, ho fihlela re tshetse bohle.

24. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tseba hore letsoho la Morena le matla, mme le lona le tla tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla yohle.> ”

Joshua 4