11. Yare ha setjhaba sohle se se se tshetse, jwale ha tshela areka ya Morena, le baprista, ba fetela kapele ho setjhaba.
12. Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tshela ba hlometse, ba eteletse bana ba Iseraele pele, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse.
13. Ba ileng ba tshela e ne e ka ba dikete tse mashome a mane, tsa ba hlomeletseng ntwa, ba ilo lwana diphuleng tsa Jeriko, moo Morena a ntseng a ba bona.
14. Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe.
15. Morena a bua ho Joshua, a re:
16. “Laela baprista ba jereng areka ya selekane hore ba nyolohe ka nokeng ya Jorodane.”
17. Joshua a laela baprista, a re: “Nyolohang ka nokeng ya Jorodane.”
18. Baprista ba neng ba jere areka ya selekane sa Morena ba nyoloha ho tloha bohareng ba Jorodane. Hanghang ha maoto a baprista bao a qala ho hata mobung o ommeng, metsi a Jorodane a kgutlela ditulong tsa wona, a saballa mabopong wohle jwaloka pele.
19. Ka letsatsi la leshome kgweding ya pele, setjhaba sa tshela Jorodane, sa hloma Gilegale, moeding o ka botjhabela wa Jeriko.
20. Majwe ane a leshome le metso e mmedi, ao baprista ba ileng ba a nka ka nokeng ya Jorodane, Joshua a a hloma Gilegale.
21. A bua ho bana ba Iseraele, a re: “Ka mehla e tlang, ha bana ba lona ba botsa bo-ntata bona, ba re: <Majwe aa a bolelang?>