Joshua 4:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha setjhaba sohle se se se tshetse Jorodane, Morena a bua ho Joshua, a re:

2. “Kgethang banna ba leshome le metso e mmedi, morabeng o mong le o mong le kgethe monna a le mong.

3. Le ba laele, le re: <Nkang majwe bohareng ba Jorodane, moo maoto a baprista a neng a eme teng; e be majwe a leshome le metso e mmedi. Le tshele le a nkile, le fihle le a bee moo le tla robaletsa teng bosiung bona.> ”

4. Joshua a bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, ba kgethilweng hara bana ba Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethilwe monna a le mong.

5. Joshua a re ho bona: “Fetelang kapele ho areka ya Morena Modimo wa lona, le ye bohareng ba Jorodane. Monna e mong le e mong a nke lejwe le le leng, ho ya ka palo ya merabe ya bana ba Iseraele, a le jare ka lehetla.

6. Majwe ana e tla ba kgopotso hara lona ka mehla e tlang. Ha bana ba lona ba le botsa, ba re: <Majwe aa a bolelang?>

7. le tla re ho bona: <A bolela hore metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, kapele ho areka ya selekane sa Morena. Ha areka e tshela Jorodane, metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, mme majwe ana e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele kamehla yohle.> ”

8. Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Joshua a ba laetse. Ba nka majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, ho ya ka merabe ya bona jwalokaha Morena a ne a ile a bua ho Joshua. Ba tshela ba a nkile ho ya moo ba neng ba tla robaletsa teng, ba a bea hona moo.

9. Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo.

10. Baprista ba neng ba jere areka ba ema bohareng ba Jorodane, ho fihlela ha ho phethilwe tsohle tseo Morena a neng a laetse Joshua ho di bolella setjhaba, ho ya ka tsohle tseo Moshe a neng a di laetse Joshua. Setjhaba sa potlaka, sa tshela noka.

Joshua 4