5. Joshua a re ho setjhaba: “Itlhwekiseng, hobane hosasane Morena o tla etsa dimakatso kahara lona.”
6. Jwale Joshua a bua ho baprista, a re: “Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele.” Ba jara areka ya selekane, mme ba etella setjhaba pele.
7. Morena a re ho Joshua: “Ka letsatsi lena ke tla qala ho o hodisa moo Baiseraele bohle ba bonang, ba tle ba tsebe hore ke tla ba le wena jwalokaha ke ile ka ba le Moshe.
8. O tla laela baprista ba jarang areka ya selekane, o re: <Ha le fihlile moleng wa metsi a Jorodane, le eme themelele!> ”
9. Joshua a re ho bana ba Iseraele: “Atamelang kwano, le mamele mantswe a Morena Modimo wa lona.”
10. Joshua a boela a re: “Ka sena le tla tseba hore Modimo ya phelang o teng kahara lona, le hore o tla leleka kapele ho lona Bakanana, le Bahete, le Bahife, le Baperise, le Bagirigashe, le Baamore, le Bajebuse.
11. Bonang, areka ya selekane sa Morena wa lefatshe lohle, e tshela Jorodane e le eteletse pele.
12. Ka baka leo, kgethang banna ba leshome le metso e mmedi merabeng ya Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethwe monna a le mong.
13. Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”
14. Jwale setjhaba sa tloha ditenteng tsa sona, ho ya tshela Jorodane, se eteletswe pele ke baprista ba jereng areka ya selekane.