Joshua 3:10-17 BIBELE (SSO89SO)

10. Joshua a boela a re: “Ka sena le tla tseba hore Modimo ya phelang o teng kahara lona, le hore o tla leleka kapele ho lona Bakanana, le Bahete, le Bahife, le Baperise, le Bagirigashe, le Baamore, le Bajebuse.

11. Bonang, areka ya selekane sa Morena wa lefatshe lohle, e tshela Jorodane e le eteletse pele.

12. Ka baka leo, kgethang banna ba leshome le metso e mmedi merabeng ya Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethwe monna a le mong.

13. Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”

14. Jwale setjhaba sa tloha ditenteng tsa sona, ho ya tshela Jorodane, se eteletswe pele ke baprista ba jereng areka ya selekane.

15. Yare feela ha ba jereng areka ba fihla Jorodane, mme maoto a baprista ba jereng areka a thetsa mola wa metsi -- Jorodane e ja meduwane ka nako yohle ya ha ho kotulwa --

16. metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko.

17. Baprista ba jereng areka ya selekane sa Morena ba ema themelele! mobung o ommeng, bohareng ba Jorodane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o ommeng, ho fihlela setjhaba sohle se tshela Jorodane.

Joshua 3