Joshua 24:7-12 BIBELE (SSO89SO)

7. Ke ha bo-ntata lona ba ipiletsa ho Morena, mme yena a hlahisa lefifi pakeng tsa lona le Baegepeta. A phuthumanya lewatle hodima Baegepeta, a ba pupetsa ka lona, mme le bone seo ke se entseng Baegepeta. La phela lehwatateng ka nako e telele.

8. “ <Yaba ke le tlisa naheng ya Baamore ba neng ba phela mose wane ho Jorodane. Ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona. Naha ya bona ya eba ya lona, mme ka ba timetsa kapele ho lona.

9. Jwale ha hlaha Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, le yena a lwantsha Baiseraele. A romela maqosa ho Bileame, mora wa Beore, hore a le rohake.

10. Empa ka se ke ka rata ho mamela Bileame, ka baka leo, a ba a le hlohonolofatsa. Kahoo ka le lopolla matsohong a hae.

11. “ <La tshela Jorodane, la fihla Jeriko. Banna ba Jeriko, le Baamore, le Baperise, le Bakanana, le Bahete, le Bagirigashe, le Bahife, le Bajebuse, ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona.

12. Ka eteletsa bobi kapele, mme ba ba leleka kapele ho lona. Ba leleka le dikgosi tse pedi tsa Baamore; e seng ka sabole ya hao, kapa ka seqha sa hao.

Joshua 24