20. Haeba le ka furalla Morena, la sebeletsa medimo esele, o tla le fetohela, a le etse hampe, a le timetse, le hoja a kile a le etsa hantle.”
21. Setjhaba sa re ho Joshua: “Tjhe, re tla sebeletsa Morena.”
22. Joshua a boela a re ho setjhaba: “Lona, ka bolona, le a ipakela hore le ikgethetse ho sebeletsa Morena!”Sa re: “E, re dipaki!”
23. Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”
24. Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Morena Modimo wa rona, mme re tla mamela lentswe la hae.”
25. Ka lona letsatsi leo Joshua a etsa selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo a le Shekeme.
26. Joshua a ngola mantswe ana Bukeng ya Molao wa Modimo. A nka lejwe le leholo, a le hloma moo, tlasa sefate sa eike, se neng se le haufi le Sehalalelo sa Morena.
27. Yaba Joshua o re ho setjhaba sohle: “Bonang, lejwe lena e tla ba paki e tla re tswa, hobane le utlwile dipolelo tsohle tsa Morena, tseo a di buileng ho rona. Ka baka leo, ke paki e tla le tswa, haeba le ka latola Modimo wa lona.”
28. Yaba Joshua o qhala setjhaba, mme motho ka mong a kgutlela ha hae.
29. Kamora tsena Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome.
30. Ba mo epela naheng eo a e jeleng lefa, Timina-Sera, e naheng e maralla ya Efraime, ka leboya ho thaba ya Gaashe.
31. Baiseraele ba sebeletsa Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba Joshua, le ka matsatsi wohle a ho phela ha baholo ba ileng ba nna ba phela kamora lefu la Joshua, ba neng ba tseba mesebetsi yohle ya Morena, eo a neng a e etseditse Baiseraele.