10. Empa ka se ke ka rata ho mamela Bileame, ka baka leo, a ba a le hlohonolofatsa. Kahoo ka le lopolla matsohong a hae.
11. “ <La tshela Jorodane, la fihla Jeriko. Banna ba Jeriko, le Baamore, le Baperise, le Bakanana, le Bahete, le Bagirigashe, le Bahife, le Bajebuse, ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona.
12. Ka eteletsa bobi kapele, mme ba ba leleka kapele ho lona. Ba leleka le dikgosi tse pedi tsa Baamore; e seng ka sabole ya hao, kapa ka seqha sa hao.
13. Yaba ke le nea naha eo le sa e sebeletsang, le metse eo le sa e hahang, mme la aha ho yona. La ja le ditholwana tsa masimo a morara le tsa masimo a mohlwaare, ao le sa kang la a lema.>
14. “Ka baka leo he, tshabang Morena, le mo sebeletse ka botshepehi le ka nnete, le furalle medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, leha ba le Egepeta, mme lona le sebeletse Morena.
15. Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”
16. Setjhaba sa araba, sa re: “Le kgale! ha re ka ke ra furalla Morena, ra sebeletsa medimo esele,
17. hobane Morena Modimo wa rona, ke yena ya re nyolotseng le bo-ntata rona Egepeta, moo re neng re le makgoba teng. Ke yena ya entseng dipontsho tse kgolo, a re baballa tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.
18. Morena ke yena ya ileng a falatsa ditjhaba tsohle tse neng di le kapele ho rona, le Baamore ba neng ba ahile naheng ena. Ka baka leo, le rona re tla sebeletsa Morena, hobane ke yena Modimo wa rona.”
19. Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona.