Joshua 24:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Joshua a memela merabe yohle ya Iseraele, Shekeme. A bitsa baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona. Ba itlhahisa kapele ho Morena.

2. Joshua a re ho setjhaba sohle: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Mehleng ya kgalekgale, bo-ntata lona, e leng Tera, ntata Aborahama, le ntata Nakore, ba ne ba ahile mose wane ho Noka, mme ba sebeletsa medimo e meng.

3. Ka nka ntata lona Aborahama mose wane wa Noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana. Ka ngatafatsa bana ba hae, ka mo nea Isaka.

4. Isaka ka mo nea Jakobo le Esau; Esau ka mo nea naha e maralla ya Seire hore e be ya hae. Jakobo yena, le bana ba hae, a theohela Egepeta.

5. “ <Hamorao ka romela Moshe le Arone, mme ka otla Egepeta ka diwa tseo ke ileng ka di etsa hara yona. Hamorao ka le ntsha moo.

6. Ka ntsha bo-ntata lona Egepeta, mme ba fihla lewatleng. Baegepeta ba phaladisa bo-ntata lona ka dikariki tsa ntwa, le ka dipere ho ya fihla Lewatleng la Lehlaka.

7. Ke ha bo-ntata lona ba ipiletsa ho Morena, mme yena a hlahisa lefifi pakeng tsa lona le Baegepeta. A phuthumanya lewatle hodima Baegepeta, a ba pupetsa ka lona, mme le bone seo ke se entseng Baegepeta. La phela lehwatateng ka nako e telele.

8. “ <Yaba ke le tlisa naheng ya Baamore ba neng ba phela mose wane ho Jorodane. Ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona. Naha ya bona ya eba ya lona, mme ka ba timetsa kapele ho lona.

9. Jwale ha hlaha Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, le yena a lwantsha Baiseraele. A romela maqosa ho Bileame, mora wa Beore, hore a le rohake.

Joshua 24