Joshua 23:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha ho se ho fetile nako e telele Morena a phomoditse Baiseraele dintweng tsa bona le ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potapotile, Joshua a nna a tsofala, dilemo tsa hae tsa nna tsa ya.

2. Ke ha Joshua a phutha Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona, mme a re ho bona: “Ke se ke tsofetse, le dilemo tsa ka di se di ile.

3. Le bone tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle, ka baka la lona. Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng.

4. Ke le abetse naha ya ditjhaba tsena tse sa ntsaneng di setse, le ya ditjhaba tsohle tseo ke di ripitlileng ho tloha Jorodane, ho ya fihla Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela, hore e be lefa la lona.

5. Morena Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka, a di falatse kapele ho lona, mme naha ya tsona e be ya lona, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a le tshepisitse.

6. “Ka baka leo, tiyang, le boloke, mme le phethe tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao wa Moshe; le se ke la o kgeloha jwang kapa jwang.

Joshua 23