Joshua 22:29-34 BIBELE (SSO89SO)

29. “ <Re thoko haholo le ho fetohela Morena, lehore kajeno re mo furalle, re se ke ra mo latela ka ho haha aletare eo ho yona ho etsetswang nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, kapa ya sehlabelo, e le e kathoko ho aletare ya Morena Modimo wa rona, e kapele ho Tente ya hae.> ”

30. Yare ha bo-moprista Finease, le mahosana a setjhaba, le dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba utlwa mantswe a builweng ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba karolo e nngwe ya Manase, ba kgotsofala.

31. Finease, mora wa moprista Eleasare, a re ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase: “Kajeno re a tseba hore Morena o teng kahara rona, hobane ha le a etsetsa Morena bohlabaphiyo bona; le pholositse bana ba Iseraele matsohong a Morena.”

32. Jwale bo-Finease, mora wa moprista Eleasare, le mahosana, ba tloha ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, ba tswa naheng ya Gileade, ba kgutlela naheng ya Kanana ho bana ba Iseraele, ba fihla ba ba phetela ditaba.

33. Tsena tsa kgotsofatsa bana ba Iseraele, mme bana ba Iseraele ba boka Modimo. Ba kgaotsa ho bua ka ho ba futuhela, le ho ripitla naha eo bana ba Rubene, le bana ba Gade ba neng ba ahile ho yona.

34. Bana ba Rubene le bana ba Gade ba rea aletare eo lebitso la “Paki”, hobane ba ne ba re: “Ena ke paki ho rona bohle hore Morena ke Modimo.”

Joshua 22