19. Jwale he, haeba naha eo e leng ya lona e silafetse, tshelelang ka naheng eo e leng ya Morena, moo Tente ya Morena e leng teng, mme lona le ahe hara rona. Empa le se ke la fetohela Morena, kapa le rona la re fetohela, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Morena Modimo wa rona.
20. Kapa le se le lebetse hore Akane, mora wa Sera, o ne a etse tshito ka ho nka dintho tse neng di rohakilwe, yaba Morena o halefela setjhaba sohle sa Iseraele? Bokgopo bono ba hae ha bo a ka ba timetsa yena a le mong feela!> ”
21. Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba araba dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba re:
22. “Morena Modimo wa medimo! Morena Modimo wa medimo! Modimo o a tseba, le lona Baiseraele le tsebe! Haeba hona ke bofetohedi kapa bohlabaphiyo, re timetswe hona kajeno!
23. Haeba re ikgahetse aletare hore re tlohele ho latela Morena, kapa ho nyehella hodima yona ka nyehelo ya setjheso, kapa ka nyehelo ya dijo, kapa ho nyehella ho yona ka dinyehelo tsa teboho, Morena a re ahlole ka boyena.
24. “Re entse hona hobane re ne re tshaba hore ka nako e tlang bana ba lona ba tla re ho bana ba rona: <Le kopana ka eng le Morena Modimo wa Iseraele?
25. Pakeng tsa rona le lona, lona bana ba Rubene, le lona bana ba Gade, Morena o entse hore Jorodane e be moedi. Lona ha le na kabelo ya letho ho Morena!> Ke moo bana ba lona ba tla etsa hore bana ba rona ba se ke ba hlola ba tshaba Morena.
26. “Ka baka leo, re ile ra re: <A re haheng aletare, feela e se be eo ho etsetswang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo hodima yona,
27. empa e be paki e pakeng tsa rona le lona, le pakeng tsa ditloholo tsa rona, hore le rona re tla etsetsa Morena tshebeletso moo a leng teng, ka dinyehelo tsa rona tsa setjheso, le ka mahlabelo a rona, le ka dinyehelo tsa rona tsa teboho; esere ka nako e tlang bana ba lona ba re ho bana ba rona: “Ha le na kabelo ya letho ho Morena!”