14. Ba mo roma le mahosana a leshome, kgosana e nngwe le e nngwe e le ya lelapa ka leng la malapa wohle a Iseraele, mme kgosana e nngwe le e nngwe e le hlooho ya lelapa labo yona hara merabe ya Iseraele.
15. Ba fihla Gileade ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba bua le bona, ba re:
16. “Setjhaba sohle sa Morena se bua tjena: <Bohlabaphiyo boo ke bo jwang, boo le bo etseditseng Modimo wa Iseraele, ha e le moo kajeno le tlohetse ho latela Morena, ka ho ikgahela aletare, hore le fetohele Morena kajeno?
17. Ebe le bona bokgopo bo entsweng ha re le Peore, boo le kajeno re eso itlose sesila sa bona, bo sa lekana, leha setjhaba sa Morena se ne se welwe ke sewa,
18. hoo kajeno le ka fetohelang Morena? Ha e le mona kajeno le fetohela Morena, ho tla etsahala hore hosasane a halefele setjhaba sohle sa Iseraele.
19. Jwale he, haeba naha eo e leng ya lona e silafetse, tshelelang ka naheng eo e leng ya Morena, moo Tente ya Morena e leng teng, mme lona le ahe hara rona. Empa le se ke la fetohela Morena, kapa le rona la re fetohela, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Morena Modimo wa rona.
20. Kapa le se le lebetse hore Akane, mora wa Sera, o ne a etse tshito ka ho nka dintho tse neng di rohakilwe, yaba Morena o halefela setjhaba sohle sa Iseraele? Bokgopo bono ba hae ha bo a ka ba timetsa yena a le mong feela!> ”
21. Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba araba dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba re: