1. Joshua a bitsa ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase,
2. a re ho bona: “Le bolokile tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Morena, a le laetseng tsona; le nna le mametse lentswe la ka dinthong tsohle tseo ke le laetseng tsona.
3. Ka nako e telele ena, ho fihlela kajeno, ha le eso lahle bana babo lona, empa le bolokile taelo ya Morena Modimo wa lona.
4. Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona.
5. Feela le ele hloko, le boloke taelo le molao oo Moshe mohlanka wa Morena, a le laetseng wona: Le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, le boloke melao ya hae, le mo kgomarele, le mo sebeletse ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.”
6. Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, o a ba qhala, mme ba ikela ditenteng tsa bona.
7. Moshe o ne a ile a nea karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha, Bashane; Joshua yena a nea karolo e nngwe ya bona naha hara bana babo bona, mose ho Jorodane, ka bophirimela. Le bona, ha Joshua a ba qhala hore ba boele ditenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa.
8. A bua le bona, a re: “Le boela ditenteng tsa lona le ena le leruo le lengata, le diphoofolo tse ngata, le silefera, le kgauta, le lethose, le tshepe, le diaparo tse ngata. Arolelang bana babo lona tseo le di hapileng ho dira tsa lona.”
9. Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tloha ho bana ba Iseraele, Shilo, e naheng ya Kanana, ba ya naheng ya bona ya Gileade, eo ba neng ba e newe ke Moshe ka taelo ya Morena.