38. Naheng ya morabe wa Gade ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Rama e Gileade, le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,
39. le Heshebone le makgulo a yona, le Jasere le makgulo a yona. Metse eo kaofela ya eba e mene.
40. Metse ena yohle e ne e le ya bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, e leng ba bang ba malapa a Balevi. Metse eo ba ileng ba e abelwa ka lotho ya eba leshome le metso e mmedi.
41. Metse yohle ya Balevi, e neng e le kahara naha ya bana ba Iseraele, e ne e le metse e mashome a mane a metso e robedi, le makgulo a yona.
42. Motse o mong le o mong wa metse ena o ne o ena le makgulo a wona a o potapotileng, mme ho ne ho le jwalo metseng ena yohle.
43. Morena a nea Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapanye hore o tla e nea bo-ntata bona, mme ya eba ya bona, ba aha ho yona.
44. Morena a ba nea phomolo hohle, ho ya ka tsohle tseo a neng a di hlapanyetse bo-ntata bona, mme ha se ke ha eba le ya mong wa dira tsa bona ya emang kapele ho bona. Morena a neelana ka dira tsa bona matsohong a bona.
45. Ha se ke ha haella letho la tse molemo, tseo Morena a neng a buile ka tsona ho ba ntlo ya Iseraele. Tsohle tsa phethahala.