Joshua 21:34-40 BIBELE (SSO89SO)

34. Naheng ya morabe wa Sebulone, malapa a bana ba Merari, e leng a mang a Balevi, a abelwa Jokoneame le makgulo a yona, le Karata le makgulo a yona,

35. le Dimena le makgulo a yona, le Nahalole le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.

36. Kamose ho Jorodane, naheng ya morabe wa Rubene, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Besere e lehwatateng le hodima sehlaba le makgulo a yona, le Jahase le makgulo a yona,

37. le Kedemote le makgulo a yona, le Mefaata le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.

38. Naheng ya morabe wa Gade ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Rama e Gileade, le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,

39. le Heshebone le makgulo a yona, le Jasere le makgulo a yona. Metse eo kaofela ya eba e mene.

40. Metse ena yohle e ne e le ya bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, e leng ba bang ba malapa a Balevi. Metse eo ba ileng ba e abelwa ka lotho ya eba leshome le metso e mmedi.

Joshua 21