Joshua 21:32-34 BIBELE (SSO89SO)

32. Naheng ya morabe wa Nafthali ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Kedeshe e Galelea, le makgulo a yona, le Hamote-Dore le makgulo a yona, le Karatane le makgulo a yona. Ya eba metse e meraro.

33. Metse yohle ya morabe wa Gereshone, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le leshome le metso e meraro hammoho le makgulo a yona.

34. Naheng ya morabe wa Sebulone, malapa a bana ba Merari, e leng a mang a Balevi, a abelwa Jokoneame le makgulo a yona, le Karata le makgulo a yona,

Joshua 21