Joshua 21:12-23 BIBELE (SSO89SO)

12. Empa masimo a motse oo, le metsana ya wona, wona ba a abela Kalebe, mora wa Jefune, hore e be a hae.

13. Bara ba moprista Arone ba newa motse wa Heborone, oo babolai ba tshabelang ho wona, hore e be wa bona hammoho le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona,

14. le Jatire le makgulo a yona, le Eshetemoa le makgulo a yona,

15. le Holone le makgulo a yona, le Debiri le magkulo a yona,

16. le Aine le makgulo a yona, le Juta le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona. Ya eba metse e robong, e tswang merabeng eo e mmedi.

17. Naheng ya morabe wa Benjamine ya eba Gibeone le makgulo a yona, le Geba le makgulo a yona,

18. le Anatote le makgulo a yona, le Alamone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.

19. Metse yohle ya bana ba Arone, e leng baprista, e ne e le metse e leshome le metso e meraro le makgulo a yona.

20. Malapa a bana ba Kohate, e leng Balevi, ke ho re bana ba bang ba Kohate, metse eo a ileng a e abelwa ka lotho e ne e etswa morabeng wa Efraime.

21. Ba ba abela motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona,

22. le Kibesaime le makgulo a yona, le Bete-Horone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.

23. Naheng ya morabe wa Dane ba abelwa Eleteke le makgulo a yona, le Gibetone le makgulo a yona,

Joshua 21