Joshua 21:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Dihlooho tsa malapa a Balevi tsa tla ho moprista Eleasare, le ho Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa merabe ya bana ba Iseraele.

2. Tsa bua le bona ba le Shilo, naheng ya Kanana, tsa re: “Morena o ile a laela ka molomo wa Moshe, hore re newe metse eo re tla phela ho yona, le makgulo a yona, moo dikgomo tsa rona di tla fula teng.”

3. Ho ya ka taelo ya Morena, bana ba Iseraele ba nea Balevi metse ena e naheng ya bona, mmoho le makgulo a yona.

4. Lotho la malapa a Kohate la tswa. Bana ba moprista Arone, e leng Balevi, ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang ho ba morabe wa Juda, le ho ba morabe wa Simeone, le ho ba morabe wa Benjamine.

5. Bana ba Kohate ba setseng ba abelwa ka lotho metse e leshome, e tswang malapeng a morabe wa Efraime, le a morabe wa Dane, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.

6. Naheng ya Bashane bana ba Gereshone ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang malapeng a morabe wa Isakare, le a morabe wa Ashere, le a morabe wa Nafthali, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.

7. Bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, ba abelwa metse e leshome le metso e mmedi, e tswang ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho ba morabe wa Sebulone.

8. Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona ka lotho, jwalokaha Morena a ne a laetse ka molomo wa Moshe.

9. Metseng ya morabe wa bana ba Juda, le metseng ya morabe wa bana ba Simeone, Balevi ba abelwa metse ena, e bolelwang ka mabitso.

10. E ne e le ditloholo tsa Arone, tsa malapa a Kohate, tseo e neng e le bana ba Levi, hobane lotho la pele e ne e le la bona.

11. Ba ba nea Motse wa Areba o naheng e maralla ya Juda, e leng Heborone, le makgulo a yona a e potapotileng. Areba e ne e le ntata Anake.

12. Empa masimo a motse oo, le metsana ya wona, wona ba a abela Kalebe, mora wa Jefune, hore e be a hae.

Joshua 21