Joshua 20:3-7 BIBELE (SSO89SO)

3. Ke moo motho ya ka bolayang motho e mong e se ka morero, a sa hlokomela, a tla tshabela teng. Metse eo e tla ba eo le tshabelang ho yona, ho baleha mophetetsi wa madi.

4. “ <Motho eo o tla tshabela ho o mong wa metse eo, a eme monyakong wa motse, a bolelle baholo ba motse ditaba tsa hae. Bona ba tla mo kenya ka motseng, ba mo nee sebaka, hore a phele le bona.

5. Haeba mophetetsi wa madi a ka mo lelekisa, ha ba na ho neelana ka yena matsohong a mophetetsi eo, hobane mmolai o bolaile wa habo e se ka morero, mme le pele ho moo a ne a sa mo hloya.

6. O tla phela motseng oo ho fihlela a emiswa kapele ho phutheho hore e mo ahlole, le ho fihlela eo e leng Moprista e Moholo nakong eo a eshwa. Jwale mmolai a ka kgutlela motseng wa habo, le tlung ya hae, moo a neng a balehe teng.> ”

7. Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone.

Joshua 20