1. Morena a bua ho Joshua, a re:
2. “Bua le bana ba Iseraele, o re: <Ikgetheleng metse eo ho tla tshabelwa ho yona, eo ke buileng ka yona ho lona, ka molomo wa Moshe.
3. Ke moo motho ya ka bolayang motho e mong e se ka morero, a sa hlokomela, a tla tshabela teng. Metse eo e tla ba eo le tshabelang ho yona, ho baleha mophetetsi wa madi.
4. “ <Motho eo o tla tshabela ho o mong wa metse eo, a eme monyakong wa motse, a bolelle baholo ba motse ditaba tsa hae. Bona ba tla mo kenya ka motseng, ba mo nee sebaka, hore a phele le bona.
5. Haeba mophetetsi wa madi a ka mo lelekisa, ha ba na ho neelana ka yena matsohong a mophetetsi eo, hobane mmolai o bolaile wa habo e se ka morero, mme le pele ho moo a ne a sa mo hloya.