Joshua 2:7-13 BIBELE (SSO89SO)

7. Baphaladisi bao ba nka tsela e yang madibohong a Jorodane, mme hanghang hoba baphaladisi bao ba tswe, monyako wa kwalwa.

8. Banna bao ba ne ba eso ka ba kgaleha, ha Rahaba a hlwella ka ho bona, kahodima marulelo.

9. A re ho banna bao: “Ke a tseba hore Morena o le neile naha ena, le hore rona re a le tshaba, le hore baahi bohle ba naha ena le ba nyahamisitse dipelo.

10. Re utlwile kamoo Morena a neng a pshese metsi a Lewatle la Lehlaka kapele ho lona kateng, ha le ne le etswa Egepeta. Re utlwile le seo le neng le se etse ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone le Oge, bao le neng le ba ripitle ho hang.

11. Ha re utlwa hoo, dipelo tsa rona di ile tsa nyahama, mme banna bohle ba se ke ba hlola ba eba le sebete, ka baka la ho le tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya tlase, lefatsheng.

12. Jwale ke a le rapela: Ntlhapanyetseng ka lebitso la Morena, hore ha e le mona ke bile mosa ho lona, le lona le tla ba mosa ho lelapa leso, mme le be le nnee pontsho ya nnete.

13. Ntlhapanyetseng hore le tla pholosa ntate, le mme, le dikgaitsedi tsa ka, le bana beso, le bohle bao ba nang le bona, mme le re phemise lefu.”

Joshua 2