Joshua 2:14-20 BIBELE (SSO89SO)

14. Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”

15. Yaba Rahaba o ba lepeletsa le fesetereng ka thapo, hobane ntlo ya hae e ne e ikgohlile ka lerako la motse, mme a phela kahara lerako.

16. A re ho bona: “Balehelang thabeng, esere baphaladisi ba lona ba kopana le lona. Le qete matsatsi a mararo le ipatile moo, ho fihlela baphaladisi ba lona ba be ba kgutla. Kamora moo le ka tswela pele leetong la lona.”

17. Jwale banna bao ba re ho yena: “Re tla be re lokolohile kanong ena eo o re hlapantshitseng yona haese ha u ka etsa tjena:

18. Ha re fihla naheng ena, o tle o tlame kgwele e kgubedu ena fesetereng eo o re lepeleditseng ho yona, mme o bitse ntatao, le mmao, le bana beno, le bohle ba lelapa leno, ba phuthehele mona ha hao, ka tlung ena.

19. Mang kapa mang ya tla tswela seterateng, kantle ho ntlo ya hao, ke di-bonwa-ke-yena, mme ha re na ho ba le molato. Empa mang kapa mang ya tla ba le wena ka tlung, ha a ka bolawa, madi a hae a tla botswa ho rona.

20. Feela haeba o ka bolela taba ena ya rona, re tla be re lokolohile kanong ena eo o re hlapantshitseng yona.”

Joshua 2