Joshua 2:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.

2. Ha tsebiswa kgosi ya Jeriko, ha thwe: “Hela, bosiung bona bona ho fihlile banna ba Baiseraele mona, ba tlilo hlahloba naha.”

3. Yaba kgosi ya Jeriko e romela molaetsa ho Rahaba, e re: “Ntsha banna ba fihlileng ho wena, ba keneng ka tlung ya hao, hobane ba tlile mona ho tla hlahloba naha yohle.”

4. Mosadi eo a nka banna bao ba babedi, a ba pata, mme a re: “Ke nnete, banna ba babedi ba ile ba fihla mona ho nna, empa ke ne ke sa tsebe moo ba tswang teng.

5. E ile yare ka nako eo ho kwalwang monyako wa lerako la motse ka yona, ha ho se ho le lefifi, banna bao ba tsamaya, ha ke tsebe hore na ba lebile kae; ba potlakeleng kapele, le tla ba tshwara.”

6. Empa o ne a ba hlweseditse kahodima marulelo, a ba kwahetse ka ditlhaka tsa motsitla, tseo a neng a di adile hodima marulelo.

7. Baphaladisi bao ba nka tsela e yang madibohong a Jorodane, mme hanghang hoba baphaladisi bao ba tswe, monyako wa kwalwa.

Joshua 2