Joshua 19:48-51 BIBELE (SSO89SO)

48. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Dane, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.

49. Ha Baiseraele ba qetile ho aba naha eo e leng lefa, ka ho seha meedi ya yona, yaba bana ba Iseraele ba nea Joshua, mora wa Nune, naha ya hae kahara ya bona.

50. Ho ya ka taelo ya Morena, ba mo nea motse oo a o kopileng, e leng Timina-Sera, e naheng e maralla ya Efraime. A tsosa motse oo, mme a aha teng.

51. Ena ke naha e ileng ya ajwa ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le bao e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, ba merabe ya bana ba Iseraele; ba e aba ka lotho ba le Shilo, kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena. Yaba jwale ba qetile ho aba naha.

Joshua 19