Joshua 19:33-44 BIBELE (SSO89SO)

33. Moedi wa bona o ne o tloha Helefe, le sefateng se seholo sa Saananime, le Adami-Nekebe, le Jabeneele, ho ya fihla Lakume, mme o fella Jorodane.

34. Ebe moedi oo o thinyetsa ka bophirimela, o yo fihla Asenote-Tabore. Ho tloha moo o ye Hukoke, o yo fihla Sebulone, ka nqa borwa; o be o yo fihla le Ashere ka bophirimela; ka nqa botjhabela o yo fihla Juda le Jorodane.

35. Metse e neng e haheleditswe e ne e le Sidime, le Sere, le Hamate, le Rakate, le Kinerete,

36. le Edama, le Rama, le Hasore,

37. le Kedeshe, le Ederei, le Ene-Hasore,

38. le Jirone, le Migedale-Ele, le Horeme, le Bete-Anate, le Bete-Shemeshe. E ne e le metse e leshome le metso e robong, le metsana ya yona.

39. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Nafthali, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.

40. Lotho la bosupa la tswa e le la bana ba morabe wa Dane, ho ya ka malapa abo bona.

41. Moedi wa bona o ne o akaretsa Sora, le Eshetaole, le Ire-Shemeshe,

42. le Shaalebine, le Aiyalone, le Jitela,

43. le Elone, le Timina, le Ekerone,

44. le Eleteke, le Gibetone, le Baalate,

Joshua 19