Joshua 19:25-36 BIBELE (SSO89SO)

25. Moedi wa bona o ne o akareleditse Helekate, le Hale, le Betene, le Akashafe,

26. le Alameleke, le Amade, le Mishale. Ka bophirimela o ne o fihla Karamele le Shihore-Lebenate.

27. O thinyetse ka nqa botjhabela, o lebe Bete-Dagone, o yo fihla Sebulone le Kgohlong ya Jifetahele, ka leboya ho Bete-Emeke le Neiele. O lopalle ho ya Kabule, ka ho le letshehadi.

28. O ye Eberone, le Rehobe, le Hamone, le Kana, ho ya fihla Sidone e Kgolo.

29. Jwale moedi o thinyetse Rama, o yo fihla motseng o haheleditsweng wa Tire; ebe o thinyetsa Hosa, o ya fella lewatleng, ho tloha Mehebele ho ya Akasibe,

30. le Uma, le Afeke, le Rehobe. Metse e ne e le mashome a mabedi a metso e mmedi, le metsana ya yona.

31. Ena ke yona naha ya bana ba morabe wa Ashere, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.

32. Lotho la botshelela la tswa e le la bana ba morabe wa Nafthali; ke ho re ba Nafthali ho ya ka malapa abo bona.

33. Moedi wa bona o ne o tloha Helefe, le sefateng se seholo sa Saananime, le Adami-Nekebe, le Jabeneele, ho ya fihla Lakume, mme o fella Jorodane.

34. Ebe moedi oo o thinyetsa ka bophirimela, o yo fihla Asenote-Tabore. Ho tloha moo o ye Hukoke, o yo fihla Sebulone, ka nqa borwa; o be o yo fihla le Ashere ka bophirimela; ka nqa botjhabela o yo fihla Juda le Jorodane.

35. Metse e neng e haheleditswe e ne e le Sidime, le Sere, le Hamate, le Rakate, le Kinerete,

36. le Edama, le Rama, le Hasore,

Joshua 19