Joshua 19:2-18 BIBELE (SSO89SO)

2. Naha eo ya bona e ne e le Beeresheba, le Sheba, le Molada,

3. le Hasere-Shuale, le Bala, le Eseme,

4. le Eletolade, le Bethule, le Horema,

5. le Sikelage, le Bete-Marakabote, le Hasere-Susa,

6. le Bete-Labaote, le Sharuhene. E ne e le metse e leshome le metso e meraro, le metsana ya yona.

7. Hape e le Aine, le Rimone, le Etere, le Ashane; metse e mene le metsana ya yona.

8. Le metse yohle e neng e potapotile metse eo, ho ya fihla Baalate-Beere, le Rama e ka borwa.Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona.

9. Kaha karolo ya bana ba Juda e ne e le kgolo ho feta palo ya bona, karolo e nngwe ya naha eo ya bana ba Juda e ile ya abelwa bana ba Simeone. Ka baka leo, naha ya bana ba Simeone e ne e le kahara naha ya bana ba Juda.

10. Jwale ha tswa lotho la boraro la bana ba Sebulone, ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa naha ya bona o ne o fihla Saride.

11. Moedi wa bona o ne o nyoloha ka bophirimela ho ya fihla Marala, le ho ya fihla Dabeshete, le ho ya fihla molatswaneng o ka botjhabela ho Jokoneame.

12. Ho tloha Saride o thinyetse ka botjhabela, o yo fihla moeding wa Kiselote-Tabore, ebe o fetela Daberate, o nyolohele Jafia.

13. Ho tloha moo o fetele nqa botjhabela, ho ya Gate-Hefere, le Itakasine; ebe o fetela Rimone-Metware, o yo fihla Nea.

14. Ka leboya moedi o thinyetsa Hanatone, o yo fella Kgohlong ya Jifetahele.

15. Metse e ne e le Katate, le Nahalole, le Shimerone, le Jidala, le Betlelehema; e le metse e leshome le metso e mmedi, le metsana ya yona.

16. Ena ke naha ya bana ba Sebulone, le metse ena le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.

17. Lotho la bone la tswa e le la bana ba Isakare; ke ho re bana ba Isakare ho ya ka malapa abo bona.

18. Moedi wa bona o ne o fihla Jesereele, le Kesulote, le Shuneme,

Joshua 19