15. Metse e ne e le Katate, le Nahalole, le Shimerone, le Jidala, le Betlelehema; e le metse e leshome le metso e mmedi, le metsana ya yona.
16. Ena ke naha ya bana ba Sebulone, le metse ena le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
17. Lotho la bone la tswa e le la bana ba Isakare; ke ho re bana ba Isakare ho ya ka malapa abo bona.
18. Moedi wa bona o ne o fihla Jesereele, le Kesulote, le Shuneme,
19. le Hafaraime, le Shione, le Anahara,
20. le Rabite, le Kishione, le Ebese,
21. le Remete, le Ene-Gannime, le Ene-Hada, le Bete-Pasese.
22. Moedi o ne o fihla Tabore, le Shahasaime, le Bete-Shemeshe; o yo fella Jorodane. E ne e le metse e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.
23. Ena ke naha ya morabe wa bana ba Isakare, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
24. Jwale ha tswa lotho la bohlano, la bana ba morabe wa Ashere, ho ya ka malapa abo bona.
25. Moedi wa bona o ne o akareleditse Helekate, le Hale, le Betene, le Akashafe,