1. Jwale ha tswa lotho la bobedi, la bana ba morabe wa Simeone, ho ya ka malapa abo bona. Naha ya bona e ne e le kahara naha ya bana ba Juda.
2. Naha eo ya bona e ne e le Beeresheba, le Sheba, le Molada,
3. le Hasere-Shuale, le Bala, le Eseme,
4. le Eletolade, le Bethule, le Horema,
5. le Sikelage, le Bete-Marakabote, le Hasere-Susa,
6. le Bete-Labaote, le Sharuhene. E ne e le metse e leshome le metso e meraro, le metsana ya yona.
7. Hape e le Aine, le Rimone, le Etere, le Ashane; metse e mene le metsana ya yona.
8. Le metse yohle e neng e potapotile metse eo, ho ya fihla Baalate-Beere, le Rama e ka borwa.Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona.
9. Kaha karolo ya bana ba Juda e ne e le kgolo ho feta palo ya bona, karolo e nngwe ya naha eo ya bana ba Juda e ile ya abelwa bana ba Simeone. Ka baka leo, naha ya bana ba Simeone e ne e le kahara naha ya bana ba Juda.