Joshua 18:2-11 BIBELE (SSO89SO)

2. Hara bana ba Iseraele ho ne ho setse merabe e supileng, e neng e eso ka e abelwa lefa la yona.

3. Yaba Joshua o re ho bana ba Iseraele: “Le tla dikadika ho le hokae ho ya, le ya hapa naha eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neileng yona?

4. Nkgetheleng banna ba bararo morabeng o mong le o mong. Ke tla ba roma, mme ba tla ya, ba lekole naha eo, ba bone hore na e ka arolwa jwang hore e be lefa la merabe eo, ebe jwale ba kgutlela ho nna.

5. Naha eo le e arole dikarolo tse supileng. Moedi wa morabe wa Juda o tla nne o be ka borwa, mme moedi wa morabe wa Josefa o nne o be ka leboya.

6. Naha ena le e arole ka dikarolo tse supileng, ebe le ntlisetsa seo le se ngotseng, mme ke tla le etsetsa lotho mona, kapele ho Morena Modimo wa lona.

7. Balevi bona ha ba na lefa mona hara lona, hobane ho ba baprista ba Morena ke lona lefa la bona. Gade, le Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba fumane lefa la bona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, e leng lefa leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba nee lona.”

8. Banna bao ba ema, ba tsamaya. Joshua a laela bao ba yang ho lekola naha, a re: “Eyang, le lekole naha eo, le ngole dikarolo tsa yona, le nto kgutlela ho nna. Nna ke tla le laolela yona ka lotho mona Shilo, kapele ho Morena.”

9. Banna bao ba tloha, ba lekola naha, ba e ngodisa bukeng ho ya ka metse ya yona, ba e arola dikarolo tse supileng, jwale ba kgutlela ho Joshua diahelong tsa Shilo.

10. Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.

11. Ba morabe wa Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, lotho la ba abela naha e pakeng tsa bana ba Juda le bana ba Josefa.

Joshua 18