18. Wa ikgohla ka phula, wa leba leboya ho Araba, wa nto theohela ka phuleng.
19. Moedi wa boela wa fetela lehlakoreng le ka leboya ho Bete-Hogola, wa ya fella koung e ka leboya ho Lewatle la Letswai, ka lehlakoreng le ka borwa ho Jorodane. Ona ke moedi o ka borwa.
20. Ka botjhabela moedi e ne e le Jorodane. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, le meedi ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
21. Metse ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le ena: Jeriko, le Bete-Hogola, le Emeke-Kesise,
22. le Bete-Araba, le Semaraime, le Bethele,
23. le Afime, le Para, le Ofera,
24. le Kefare-Amoni, le Ofeni, le Geba. Ke metse e leshome le metso e mmedi.
25. Metsana ya yona ke ena: Gibeone, le Rama, le Beerote,
26. le Misepa, le Kefira, le Mosa,
27. le Rekeme, le Jirepeele, le Tarala,
28. le Sela, le Elefe, le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeata, le Kiriate. Kaofela ha yona ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona.