Joshua 18:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.

2. Hara bana ba Iseraele ho ne ho setse merabe e supileng, e neng e eso ka e abelwa lefa la yona.

3. Yaba Joshua o re ho bana ba Iseraele: “Le tla dikadika ho le hokae ho ya, le ya hapa naha eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neileng yona?

4. Nkgetheleng banna ba bararo morabeng o mong le o mong. Ke tla ba roma, mme ba tla ya, ba lekole naha eo, ba bone hore na e ka arolwa jwang hore e be lefa la merabe eo, ebe jwale ba kgutlela ho nna.

5. Naha eo le e arole dikarolo tse supileng. Moedi wa morabe wa Juda o tla nne o be ka borwa, mme moedi wa morabe wa Josefa o nne o be ka leboya.

6. Naha ena le e arole ka dikarolo tse supileng, ebe le ntlisetsa seo le se ngotseng, mme ke tla le etsetsa lotho mona, kapele ho Morena Modimo wa lona.

7. Balevi bona ha ba na lefa mona hara lona, hobane ho ba baprista ba Morena ke lona lefa la bona. Gade, le Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba fumane lefa la bona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, e leng lefa leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba nee lona.”

8. Banna bao ba ema, ba tsamaya. Joshua a laela bao ba yang ho lekola naha, a re: “Eyang, le lekole naha eo, le ngole dikarolo tsa yona, le nto kgutlela ho nna. Nna ke tla le laolela yona ka lotho mona Shilo, kapele ho Morena.”

Joshua 18