Joshua 17:9-18 BIBELE (SSO89SO)

9. Moedi wa theosa ho ya fihla molatswaneng wa Kana. Metse e ka borwa ho molatswana oo, e hara metse ya Manase, yona e ne e le ya Efraime. Moedi wa naha ya Manase o ne o le ka leboya ho molatswana oo, o ilo fella lewatleng.

10. Ka borwa e ne e le ha Efraime, ka leboya e le ha Manase, lewatle e le moedi wa bona. Ka leboya moedi o ne o fihla Ashere, ka botjhabela o fihla ha Isakare.

11. Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a abelwa Bete-Sheane le metsana ya yona, le Jibeleame le metsana ya yona, le baahi ba Dore le metsana ya yona, le baahi ba Ene-Dore le metsana ya yona, le baahi ba Taanake le metsana ya yona, le baahi ba Megido le metsana ya yona, le ditereke tse tharo tse maralla.

12. Leha ho le jwalo, bana ba Manase ba ile ba sitwa ho leleka baahi ba metse eo, mme Bakanana le bona ba ikemisetsa ho dula naheng eo.

13. Yare ha bana ba Iseraele ba se ba matlafetse, ba fetola Bakanana makgoba. Empa ha ba a ka ba ba leleka ho hang.

14. Bana ba Josefa ba bua ho Joshua, ba re: “Ke ka baka lang ha o re file seabo se le seng le karolo e le nngwe feela e le lefa la rona, empa o bona hore re setjhaba se seholo, mme ho fihlela jwale Morena a nnile a re hlohonolofatsa?”

15. Yaba Joshua o re ho bona: “Haeba le le setjhaba se seholo, nyolohelang morung mane, mme le hleke difate naheng ya Baperise, le ya Barefaime, hobane sebaka sena sa naha e maralla se senyenyane bakeng sa lona.”

16. Bana ba Josefa ba re: “Naha e maralla ha e a re lekana. Bakanana bohle ba ahileng naheng e kgohlong, le ba ahileng Bete-Sheane le metsaneng ya yona, le ba ahileng kgohlong ya Jiserele ba na le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe.”

17. Yaba Joshua o bua le ba ntlo ya Josefa, e leng ba ntlo ya Efraime, le ba ntlo ya Manase, o re: “Le setjhaba se seholo, se matla haholo; le ke ke la fumana seabo se le seng feela.

18. Naha e maralla e tla ba ya lona, hobane leha e tletse meru le tla e hleka, e be ya lona ho ya fihla meeding ya yona. Leha Bakanana ba ena le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe, mme ba le matla, le tla ba leleka.”

Joshua 17