Naha e abilweng ka lotho ya eba karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona; le ya bana ba Abiesere, le ya bana ba Heleke, le ya bana ba Aserele, le ya bana ba Shekeme, le ya bana ba Hefere, le ya bana ba Shemida. Bana e ne e le bana ba batona ba Manase, mora wa Josefa, ho ya ka malapa abo bona.