Joshua 15:15-27 BIBELE (SSO89SO)

15. Kalebe a nyoloha teng, a futuhela baahi ba motse wa Debiri. Lebitso la pele la motse wa Debiri e ne e le Kiriate-Sefere.

16. Yaba Kalebe o re: “Mang kapa mang ya ka futuhelang motse wa Kiriate-Sefere, mme a o hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.”

17. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, ngwanabo Kalebe, o hapa Kiriate-Sefere, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae hore e be mosadi wa hae.

18. Ha Akasa a fihla ho Oteniele, Oteniele a mo pheella hore a kope ntatae, Kalebe, a ke a mo qothele naha.Ha Akasa a tholoha tonki ya hae, Kalebe a re ho yena: “O batlang?”

19. Akasa a re: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako mphe le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le tse tlase.

20. Lena ke lona lefa la morabe wa bana ba Juda, ho ya ka malapa abo bona.

21. Karolong ya naha ya morabe wa bana ba Juda, metse e holehole ho ya moeding wa Edomo, ka borwa, e ne e le Kabeseele, le Edere, le Jagure,

22. le Kina, le Dimona, le Adada,

23. le Kedeshe, le Hasore, le Jitenane,

24. le Sife, le Teleme, le Bealote,

25. le Hasore-Hadata, le Keriote-Heserone, e leng Hasore,

26. le Amame, le Shema, le Molada,

27. le Hasere-Gada, le Heshemone, le Bete-Pelete,

Joshua 15