Joshua 14:6-15 BIBELE (SSO89SO)

6. Bana ba Juda ba ya ho Joshua ha a le Gilegale, mme Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, a re ho yena: “O tseba seo Morena a neng a se bue ho Moshe, mohlanka wa Modimo, malebana le nna, le malebana le wena, ha re le Kadeshe-Barenea.

7. Ke ne ke ena le dilemo tse mashome a mane ha Moshe, mohlanka wa Morena, a nthoma re le Kadeshe-Barenea, hore ke yo hlwela naha, mme yare ha ke kgutla ka fihla ka mmulela sefuba sa ka.

8. Bana beso, ba neng ba ile le nna, ba fihla ba nyahamisa setjhaba dipelo, empa nna ke ile ka latela Morena Modimo wa ka, ka ho tlala.

9. Ka lona letsatsi leo, Moshe a hlapanya, a re: <Ruri, naha eo leoto la hao le kileng la hata hodima yona, e tla ba ya hao, le ya bana ba hao kamehla, hobane o ile wa latela Morena Modimo wa ka, ka ho tlala.>

10. “Jwale bona, ka dilemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, ho tloha mohla Morena a buang lentswe lena ho Moshe, ha Baiseraele ba ntse ba lelera lehwatateng, Morena o babaletse bophelo ba ka, jwalokaha a ne a bue, mme ke mona kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi a metso e mehlano.

11. Empa le kajeno ke ntse ke le matla jwaloka mohla Moshe a neng a nthoma. Matla a ka a kajeno a ntse a ka a nako yona yane; e ka ba matla a ho lwana, kapa a ho itsamaela feela.

12. Ka baka leo he, nnee naha ena e maralla eo Morena a neng a bue ka yona mohla letsatsi leo. Etswe wena o ne o ikutlwele ka lona letsatsi leo, hore Baanake ba phela moo, mme metse ya bona ke ya metonana, ya diqhobosheane. Mohlomong Morena o tla ba le nna ha ke le moo, mme ke ba leleke teng, jwalokaha Morena a buile.”

13. Joshua a hlohonolofatsa Kalebe, mora wa Jefune, mme a mo nea Heborone, hore e be lefa la hae.

14. Ka baka lena, Heborone ya eba lefa la Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, hobane a ne a ile a latela Morena Modimo wa Iseraele, ka ho tlala.

15. Pele ho moo, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba, mme Areba e ne e le senatlahadi hara Baanake.Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.

Joshua 14