Joshua 14:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Tsena ke dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di ja lefa naheng ya Kanana. Ba ne ba di abelwe ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele.

2. Lefa leo la ajwa ka lotho, la abelwa merabe e robong le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

3. Moshe o ne a se a abetse merabe e mmedi, le karolo e nngwe ya morabe naha e kamose wane ho Jorodane; feela Balevi bona a se ke a ba abela lefa hara Baiseraele,

4. hobane bana ba Josefa e ne e le merabe e mmedi: wa Manase le wa Efraime. Balevi bona ha ba a ka ba abelwa naha, haese metse ya bodulo, le dibakana tse e potapotileng, hore e be tsa makgulo a dikgomo tsa bona, le a mehlape ya bona.

5. Jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba aba naha.

6. Bana ba Juda ba ya ho Joshua ha a le Gilegale, mme Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, a re ho yena: “O tseba seo Morena a neng a se bue ho Moshe, mohlanka wa Modimo, malebana le nna, le malebana le wena, ha re le Kadeshe-Barenea.

Joshua 14